Daniele 11:1-9 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Empa le nna, ka selemo se qalang puso ya Dariuse, Momede, ke mo tlatsitse ka ho mo emela le ka ho mo fa matla.

2. Jwale, ke ya o senolela nnete.Bona, marena a mararo a sa tla ba teng ho Bapersia, mme wa bone o tla rua leruo le fetisang la a mang kaofela; etlare hobane a iphe matla ka maruo a hae, o tla ipiletsa bongata bohle ho futuhela mmuso wa Bagerike.

3. Empa ho tla tsoha morena wa mohale, mme o tla busa ka matla a maholo, a etse kamoo a ratang kateng.

4. Etlare ha a se a phahame, mmuso wa hae o tla robakwa dikoto, o arolelwe meya e mene ya mahodimo, empa e ke ke ya eba wa ditloholo tsa hae, mme matla a wona a ke ke a lekana le matla a wona a pele, hobane mmuso wa hae o ya haholwa, o arolelwe basele, o seng bao.

5. Morena wa Borwa o tla ipha matla, mme e mong wa mahosana a hae o tla mo fetisa ka matla; o tla busa, mme mmuso wa hae e tla ba mmuso o matla haholo.

6. Kamora dilemo tse ding, ba tla etsa selekane, mme moradi wa morena wa Borwa o tla kena tlung ya morena wa Leboya ho lokisa ditaba. Empa matsoho a hae a ke ke a tiya; o tla sitwa ho tiya, leha e le yena, leha e le matsoho a hae, empa o tla neelwa lefu, yena le ba mo tlisitseng, le ya mo tswetseng le ya mo tsheheditseng, mehleng eo.

7. Empa lehlomela la metso ya hae le tla hlaha tulong tsa hae; o tla tla ntweng, a kene diqhobosheaneng tsa morena wa Leboya, a etse ka tsona kamoo a ratang kateng, mme o tla hlola.

8. O tla ikgapela medimo ya bona, le ditshwantsho tsa bona tse tsholotsweng, le mesebetsi e hlokwang ya bona ya kgauta le ya silefera, a ye le tsona Egepeta, ho ntoo feta dilemo tseo a ke keng a kgathatsa morena wa Leboya ka tsona.

9. Empa enwa o tla futuha ho ya lwantsha morena wa Borwa, a ntoo kgutlela naheng ya hae.

Daniele 11