15. A re a sa mpolella ditaba tseo, ka kobotela fatshe ka sefahleho, ka hloka puo.
16. Mme bonang, motho ya jwaloka mora motho a ama molomo wa ka; ka ahlamisa molomo wa ka, ka bua, ka re ho ya emeng pela ka: Morena ka, pono e ntshositse, ke feletswe ke matla.
17. Na mohlanka wa morena ka a ka bua jwang le morena ka? Ebile moo ke fellwang ke matla, ka sitwa ke ho ntsha moya.
18. Yaba ke boela ke angwa ke ya tshwanang le motho, a busetsa matla ho nna,
19. a re: Se tshabe, monna ya ratwang! Kgotso e be ho wena! Tiya pelo, tiya matla! A re a sa bua le nna, ka utlwa hobane ke filwe matla, ka re: Morena ka a ke a bue, etswe o mphile matla.
20. A re: Hleka o tseba seo ke tlileng ho wena ka baka la sona na? Jwale, ke ikgutlela ho ya lwantsha kgosana ya Persia, mme ha ke se ke tlohile, bona, kgosana ya Bagerike e tla fihla.
21. Leha ho le jwalo, ke rata ho o senolela se ngodilweng bukeng ya nnete. Ha ho ya ntlatsang ho lwantsha bano, haese Mikaele, kgosana ya lona.