1. Ka selemo sa boraro sa Siruse, morena wa Persia, lentswe la senolelwa Daniele, ya reilweng lebitso la Beltsatsare; lentswe leo ke nnete, le bolela tsietsi e kgolo; a ela tshenolo eo hloko, a utlwisisa pono.
2. Mohlang oo, nna Daniele, ka ba dillong ka veke tse tharo,
3. ke sa je dijo tse monate; nama ha e a ka ya kena molomong wa ka, leha e le veine; ha ke a ka ka tlola ka veke tse tharo tse tletseng.
4. Ka letsatsi la mashome a mabedi a metso e mene la kgwedi ya pele, ke ne ke le lebopong la noka e kgolo ya Hiddekele.
5. Ka emisa mahlo, ka tadima, mme bonang, monna o ne a le teng moo, ya apereng lene, ya itlamileng letheka ka senyepa sa kgauta ya Ufase.
6. Mmele wa hae o ne o ka krisolithe, sefahleho sa hae se ne se tsekema jwaloka lehadima, mahlo a hae a ne a le jwaloka mabone a tukileng; matsoho le maoto a hae e ne e ka koporo e bentshitsweng; lentswe la hae, ha a bua, le ne le le jwaloka lentswe la ba bangata.
7. Nna Daniele, ka bona pono eo ke nnotshi, mme banna bao ke nang le bona ha ba ka ba bona pono eo; empa ba tshwarwa ke tshabo e kgolo, ba baleha, ba ipata.
8. Ka sala ke nnotshi, ka bona pono eo e kgolo, ka ba ka fellwa ke matla, mme sefahleho sa ka sa hlwenya, ka omella.
9. Ka utlwa modumo wa dipolelo tsa hae; eitse ha ke utlwa modumo wa dipolelo tsa hae, ka idibana, ka wela fatshe ka sefahleho, mme sefahleho sa ka sa ama fatshe.
10. Empa, bonang, letsoho le leng la nkama, la sisinya mangwele a ka le matsoho a ka.
11. A re ho nna: Daniele, monna ya ratwang, mamela ditaba tseo ke o bolellang tsona, o nne o eme maotong a hao; hobane jwale ke romilwe ho wena. Eitse hobane a bue jwalo le nna, ka ema ke ntse ke thothomela.
12. A re ho nna: Se tshabe, Daniele; hobane esale ka letsatsi la pele leo o pheheletseng pelong ya hao ho utlwisisa, le ho ikokobetsa pela Modimo wa hao, dipolelo tsa hao di hlile tsa utluwa, mme ke tlile ka baka la dipolelo tsa hao.
13. Kgosana ya mmuso wa Bapersia e hanyatsane le nna ka matsatsi a mashome a mabedi a motso o mong, empa bonang, Mikaele, kgosana e nngwe e kgolo, o tlile ho nthusa, mme ke hlotse ho marena a Bapersia.
14. Ke tlile jwale ho o tsebisa se tla hlahela setjhaba sa heno mehleng ya qetello; hobane pono e lebisa ho tse tlang ho tla.
15. A re a sa mpolella ditaba tseo, ka kobotela fatshe ka sefahleho, ka hloka puo.