Daniele 1:9-21 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

9. Modimo wa fumantsha Daniele mosa le mohau ho hlooho ya matona;

10. hlooho ya matona ya re ho Daniele: Ke tshaba morena, monga ka, ya laetseng seo le tlang ho se ja le seo le tlang ho se nwa; hobane o ne a tla bonelang difahleho tsa lona di sosobane ho fetisa tsa bahlankana bao e leng thaka e le nngwe le lona? Ha ho ka ba jwalo, le ka ntimetsa hlooho pela morena.

11. Yaba Daniele o re ho mootli eo hlooho ya matona e mo laeleditseng boDaniele, le Hanania, le Mishaele, le Asaria:

12. Ako leke bahlanka ba hao ka matsatsi a leshome, re fuwe meroho ho ja, le metsi ho nwa.

13. O ntoo hlahloba difahleho tsa rona le difahleho tsa bahlankana ba fepuwang ka dijo tse hlabosang tsa morena; ke hona o ka etsang le bahlanka ba hao kamoo o bonang kateng.

14. Yaba o ba dumella tabeng eo, a ba leka ka matsatsi a leshome.

15. Matsatsi a leshome ha a fetile, difahleho tsa bona tsa bonwa di le ntle, di nonne ho fetisa tsa bahlankana ba fepuwang ka dijo tse hlabosang tsa morena.

16. Yaba mootli o tlosa dijo tse hlabosang tsa bona le veine eo ba neng ba tla e nwa, a ba fa meroho.

17. Bahlankana ba bane bao, Modimo wa ba fa tsebo le kutlwisiso ya mangolo kaofela le ya bohlale bohle; hape, Daniele a ba le kutlwisiso ya dipono tsohle le ya ditoro.

18. Eitse hobane ho fete matsatsi ao morena a itseng ba hlahiswe ka wona, hlooho ya matona ya ba tlisa, ya ba hlahisa pela Nebukadnesare.

19. Morena a buisana le bona; hara bona kaofela ha ho a ka ha fumanwa e mong ya lekanang le Daniele, le Hanania, le Mishaele, le Asaria, mme ba kena tshebeletsong ya morena.

20. Tabeng tsohle tsa tsebo le tsa kelello tseo morena a ba botsitseng tsona, a fihlela hobane ba fetisa babohlale bohle le dinohe tse leng teng mmusong wa hae wohle haleshome.

21. Daniele a nna a dula jwalo ho isa selemong se qalang puso ya morena Siruse.

Daniele 1