9. Modimo wa fumantsha Daniele mosa le mohau ho hlooho ya matona;
10. hlooho ya matona ya re ho Daniele: Ke tshaba morena, monga ka, ya laetseng seo le tlang ho se ja le seo le tlang ho se nwa; hobane o ne a tla bonelang difahleho tsa lona di sosobane ho fetisa tsa bahlankana bao e leng thaka e le nngwe le lona? Ha ho ka ba jwalo, le ka ntimetsa hlooho pela morena.
11. Yaba Daniele o re ho mootli eo hlooho ya matona e mo laeleditseng boDaniele, le Hanania, le Mishaele, le Asaria:
12. Ako leke bahlanka ba hao ka matsatsi a leshome, re fuwe meroho ho ja, le metsi ho nwa.
13. O ntoo hlahloba difahleho tsa rona le difahleho tsa bahlankana ba fepuwang ka dijo tse hlabosang tsa morena; ke hona o ka etsang le bahlanka ba hao kamoo o bonang kateng.
14. Yaba o ba dumella tabeng eo, a ba leka ka matsatsi a leshome.
15. Matsatsi a leshome ha a fetile, difahleho tsa bona tsa bonwa di le ntle, di nonne ho fetisa tsa bahlankana ba fepuwang ka dijo tse hlabosang tsa morena.
16. Yaba mootli o tlosa dijo tse hlabosang tsa bona le veine eo ba neng ba tla e nwa, a ba fa meroho.
17. Bahlankana ba bane bao, Modimo wa ba fa tsebo le kutlwisiso ya mangolo kaofela le ya bohlale bohle; hape, Daniele a ba le kutlwisiso ya dipono tsohle le ya ditoro.
18. Eitse hobane ho fete matsatsi ao morena a itseng ba hlahiswe ka wona, hlooho ya matona ya ba tlisa, ya ba hlahisa pela Nebukadnesare.