3. Morena a laela Ashpenase, hlooho ya matona, hore a tlise ba bang ba bana ba Iseraele, ba leloko la borena le la mahosana;
4. e be bahlankana ba se nang sekodi le letheba, ba difahleho tse ntle, ba bohlale, ba tswetseng pele tsebong, ba fetisang ka kelello, ba lokelang ho kena tshebeletsong ya ntlo ya borena; ba tla rutwa puo le mangolo a Bakalde.
5. Morena a laela seo ba tlang ho se fuwa ka tsatsi le leng le le leng sa dijo tse hlabosang tsa morena le sa veine e nowang ke yena, hore ba tle ba hodiswe jwalo ka dilemo tse tharo; etlere ha di se di fetile, ba ntoo kena tshebeletsong ya morena.
6. Hara bona, ho ne ho na le Daniele, Hanania, Mishaele, le Asaria, ba leloko la Juda.
7. Mme hlooho ya matona ya ba rea mabitso a mang, ya rea Daniele lebitso la Beltsatsare, Hanania la Shadrake, Mishaele la Meshake, le Asaria la Abede-Nego.
8. Jwale, Daniele a rera pelong ya hae hore a ke ke a itshilafatsa ka dijo tse hlabosang tsa morena, leha e le ka veine e nowang ke yena, mme a kopa ho hlooho ya matona hore a leswe hore a se ke a itshela ditshila.
9. Modimo wa fumantsha Daniele mosa le mohau ho hlooho ya matona;
10. hlooho ya matona ya re ho Daniele: Ke tshaba morena, monga ka, ya laetseng seo le tlang ho se ja le seo le tlang ho se nwa; hobane o ne a tla bonelang difahleho tsa lona di sosobane ho fetisa tsa bahlankana bao e leng thaka e le nngwe le lona? Ha ho ka ba jwalo, le ka ntimetsa hlooho pela morena.
11. Yaba Daniele o re ho mootli eo hlooho ya matona e mo laeleditseng boDaniele, le Hanania, le Mishaele, le Asaria:
12. Ako leke bahlanka ba hao ka matsatsi a leshome, re fuwe meroho ho ja, le metsi ho nwa.
13. O ntoo hlahloba difahleho tsa rona le difahleho tsa bahlankana ba fepuwang ka dijo tse hlabosang tsa morena; ke hona o ka etsang le bahlanka ba hao kamoo o bonang kateng.
14. Yaba o ba dumella tabeng eo, a ba leka ka matsatsi a leshome.
15. Matsatsi a leshome ha a fetile, difahleho tsa bona tsa bonwa di le ntle, di nonne ho fetisa tsa bahlankana ba fepuwang ka dijo tse hlabosang tsa morena.
16. Yaba mootli o tlosa dijo tse hlabosang tsa bona le veine eo ba neng ba tla e nwa, a ba fa meroho.