Baroma 9:22-33 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

22. Mme ho ka thweng, ha Modimo, o ratileng ho bonahatsa bohale ba wona, le ho tumisa matla a wona, o iphapantse ka pelo e telele haholo le dipitsa tsa bohale, tse bopetsweng tahleho,

23. hore o tumise monono wa kganya ya wona ka dipitsa tsa kgauhelo, tseo o neng o di lokiseditse kganya esale pele?

24. Ke kahoo o re bitsitseng, e seng hara Bajuda feela, empa le hara baditjhaba;

25. jwalokaha o boletse le ka Hosea, ha o re: Setjhaba seo e seng sa ka, ke tla se bitsa setjhaba sa ka; le mosadi ya neng a sa ratwe, ke tla mmitsa ya ratwang.

26. Mme bakeng seo, ba neng ba boleletswe ha thwe: Lona, ha le setjhaba sa ka, hona teng ba tla bitswa bana ba Modimo o phelang.

27. Esaia le yena o phahamisitse puo hodima Iseraele, a re: Leha palo ya bana ba Iseraele e ne e ka ba kale ka lehlabathe la lewatle, ho tla bolokeha masala feela.

28. Hobane Morena, tokisong ya hae, o tla phetha lentswe la hae lefatsheng ka mokgwa o tletseng, o mokgutshwanyane.

29. Ho jwalokaha Esaia a kile a bolela pele, a re: Hoja Morena wa makgotla a se ke a re siela leloko, re ka be re entswe jwaloka Sodoma, re ka be re tshwana le Gomora.

30. Jwale, re tla reng? Re tla re: Baditjhaba ba neng ba sa batle ho loka, ba fumane ho loka, e leng ho loka ho tswang tumelong;

31. athe Baiseraele ba neng ba batla molao wa ho loka, ha ba ka ba fihlela molao wa ho loka.

32. Ka baka lang? Kahobane ha ba ka ba ho batla ka tumelo, empa ba entse jwaloka hoja ba ka ho fumana ka mesebetsi ya molao; hobane ba kgopilwe lejweng la ho kgoptjwa;

33. jwalokaha ho ngodilwe, ho thwe: Bonang, ke bea Sione lejwe le kgothometsang, le lefika le kgopang; hape ho thwe: Mang le mang ya dumelang ho yena, a ke ke a swaba.

Baroma 9