10. Mme hase hoo feela; empa le yena Rebeka o kile a emola ka a le mong, e leng Isaaka, ntata rona.
11. Hobane enere ha mafahla a eso ho tswalwe, a eso ho etse botle, leha e le bobe, — hore ho tle ho bonahale hoba morero wa Modimo, ha o kgethile motho, o tiile, e seng ka mesebetsi, empa e le ka thato ya ya bitsang, —
12. ho kile ha thwe ho yena Rebeka: E moholo o tla sebeletsa e monyenyane.
13. Jwalokaha ho ngodilwe, ho thwe: Ke ratile Jakobo, mme ke hloile Esau.
14. Jwale, re tla reng? Hleka bokgopo bo teng ho Modimo na? Ho se ke ha thualo!
15. Empa o kile wa re ho Moshe: Ke tla hauhela eo ke mo hauhelang, mme ke tla rekolohela eo ke mo rekolohelang.
16. Ka baka leo, hase taba ya ya ratang, leha e le ya ya mathang, empa e le ya Modimo o hauhelang.
17. Hobane Lengolo le itse ho Faro: Seo ke o hlahisitseng ka baka la sona, ke hore ke bonahatse matla a ka ka wena, mme ke tumise lebitso la ka ka wena lefatsheng lohle.
18. Ha ho le jwalo, o hauhela eo o ratang ho mo hauhela, mme o thatafatsa eo o ratang ho mo thatafatsa.
19. Jwale, o tla re ho nna: Na o sa nyatsetsang? Na ke mang ya ka hanang ho rata ha wona?
20. Empa wena motho, o mang ha o tsekisa Modimo? Na ntho e bopilweng e ka re ho ya e bopileng: O ne o nketsetsang jwalo na?
21. Na mmopi ha a na tokelo ya ho etsa ka kgwabi e le nngwe ya letsopa pitsa e nngwe ya ntho tse bokwang, le e nngwe ya ntho tse sa bokweng na?