Baroma 9:1-13 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Ke bolela nnete pela Kreste, ha ke etse leshano, letswalo la ka le emelana le nna ka Moya o Halalelang,

2. ha ke re: Ke utlwa bohloko bo boholo, sello se sa feleng se teng pelong ya ka.

3. Hobane, ke be nka rata hore nna ka sebele ke be anathema ka nqa ho Kreste, sebakeng sa banabeso, bao e leng ba mofuta o le mong le nna ka nama;

4. e leng Baiseraele, bao ho bewa bana e leng ha bona, le kganya, le dilekane, le peo ya molao, le tshebeletso ya Modimo, le dipallo,

5. bona bao bontate e leng ba bona, bona bao Kreste a tswileng ho bona ka nama, yena ya leng kahodima dintho tsohle, Modimo o bokwang ka ho sa feleng. Amen!

6. Leha ho le jwalo, hase hore lentswe la Modimo le wele; hobane hase bohle ba tswileng ho Iseraele e leng Baiseraele.

7. Hape, le bao e leng ba leloko la Abrahama hase bana ba hae kaofela; empa ho itswe: O tla biletswa leloko le tswang ho Isaaka:

8. ke ho re, bao e leng bana ba nama hase bona e leng bana ba Modimo; empa bana ba pallo ke bona ba balwang leloko.

9. Hobane lentswe la pallo ke lona lena: Ke tla tla ka nako e jwaloka ya jwale, mme Sara o tla ba le mora.

10. Mme hase hoo feela; empa le yena Rebeka o kile a emola ka a le mong, e leng Isaaka, ntata rona.

11. Hobane enere ha mafahla a eso ho tswalwe, a eso ho etse botle, leha e le bobe, — hore ho tle ho bonahale hoba morero wa Modimo, ha o kgethile motho, o tiile, e seng ka mesebetsi, empa e le ka thato ya ya bitsang, —

12. ho kile ha thwe ho yena Rebeka: E moholo o tla sebeletsa e monyenyane.

13. Jwalokaha ho ngodilwe, ho thwe: Ke ratile Jakobo, mme ke hloile Esau.

Baroma 9