Baroma 8:6-18 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

6. Hobane thato ya nama ke lefu, empa thato ya moya ke bophelo le kgotso.

7. Kahobane thato ya nama ke bora ho Modimo; hobane ha e ipee tlasa molao wa Modimo, le ho sitwa e a sitwa.

8. Ha ho le jwalo, ba nameng ba sitwa ho kgahlisa Modimo.

9. Empa lona, ha le nameng, le mpa le le moyeng, ha Moya wa Modimo o fela o ahile ka ho lona. Ekare ha motho a se na Moya wa Kreste, hase wa hae.

10. Empa Kreste ha a le ka ho lona, mmele wona o shwele ka baka la sebe, empa moya wona o a phela ka baka la ho loka.

11. Mme ha Moya wa ya tsositseng Jesu bafung o ahile ka ho lona, ya tsositseng Kreste bafung o tla phedisa le mmele ya lona e shwang, ka Moya wa hae o ahileng ka ho lona.

12. Ka baka leo, banabeso, ha re molato ho nama, hore re phele ka thato ya nama.

13. Hobane ha le phela ka thato ya nama, le tla shwa; empa ha le bolaya mesebetsi ya mmele ka Moya, le tla phela.

14. Hobane bohle ba tsamaiswang ke Moya wa Modimo, bona ke bana ba Modimo.

15. Hobane ha le a ka la newa moya wa bohlanka, hore tshabo e boele e be teng, le mpa le neilwe Moya wa ba bewang bana, oo re bitsang Abba! Ntate! ka wona.

16. Le wona Moya o emelana le moya wa rona, hore re bana ba Modimo.

17. Mme ha re le bana, re majalefa: majalefa a Modimo, le majalefa hammoho le Kreste, ha re fela re utlwa bohloko le yena, re tle re newe kganya le yena.

18. Ke mpa ke lekanya hore mahlomola a mehla ya jwale ha a tshwanele ho lekanngwa le kganya e tlang ho bonahala ho rona.

Baroma 8