Baroma 8:27-39 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

27. Mme ya lekolang botebo ba dipelo, o tseba kgopolo ya Moya, hobane o ntse o rapella bahalaledi ka mokgwa o ratwang ke Modimo.

28. Mme re tseba hore dintho tsohle di sebedisana hammoho molemo wa ba ratang Modimo, e leng ba bitsitsweng ka morero wa wona.

29. Hobane bao o itsebetseng bona pele, o bile o ba reretse pele, hore ba tla bapa le setshwantsho sa Mora wona, hore yena e tle e be wa letsibolo hara baena ba bangata.

30. Mme bao o ba reretseng pele, o bile o ba bitsitse; mme bao o ba bitsitseng, o bile o ba beile ba lokileng; mme bao o ba beileng ba lokileng, o bile o ba tlotlisitse.

31. Ana re tla reng tabeng tseo na? Ha Modimo o eme le rona, ke mang ya ka hanang ho rona na?

32. Wona o sa kang wa qenehela Mora wa wona wa sebele, wa mpa wa mo tella rona bohle, na o ke ke wa re sitsa ka dintho tsohle le yena na?

33. Bao Modimo o ikgethetseng bona, ke mang ya tla ba bea molato na? Modimo ke wona o ba beang ba lokileng!

34. Ya tla ba tswa ke mang? Kreste ke yena ya shweleng, a bileng a tsoha, hape ke yena ya leng ka letsohong le letona la Modimo, hapehape e sa le yena ya re rapellang.

35. Ke mang ya tla re arohanya le lerato la Kreste na? Na a ke botubo, kapa tsietsi, kapa hloriso, kapa tlala, kapa bofuma, kapa timelo, kapa lerumo,

36. jwalokaha ho ngodilwe, ho thwe: Re bolawa letsatsi lohle ka baka la hao; re lekantswe le dinku tse hlajwang?

37. Tjhe! Empa nthong tseo tsohle, re hlola ka ho fetisisa ka ya re ratileng.

38. Hobane ke tsebisisa ruri hore, leha e le lefu, leha e le bophelo, leha e le mangeloi, leha e le borena, leha e le mebuso e matla, leha e le ntho tse leng teng jwale, leha e le tse tlang ho tla,

39. leha e le bohodimo, leha e le botlase, leha e le sebopuwa se seng, ha ho letho le tla tseba ho re arohanya le lerato la Modimo, le leng ho Jesu Kreste, Morena wa rona.

Baroma 8