19. Hobane tse bopilweng kaofela di lebeletse ponahalo ya bana ba Modimo ka hlolohelo e kgolo.
20. Hobane tse bopilweng di ne di bewe tlasa mmuso wa bosawana, e seng ka ho rata ha tsona, empa e le ka baka la ya di beileng katlasa wona;
21. tshepo e ntse e le teng ya hore le tsona tse bopilweng di tla hollwa bohlankeng ba tshenyeho, di tle di be tokollong ya kganya ya bana ba Modimo.
22. Hobane re a tseba hore tse bopilweng tsohle di ntse di fehelwa, di bile di tsietsing hammoho, ho fihlela jwale.
23. Mme hase tsona di nnotshi, empa le rona re nang le dithakangwaha tsa Moya, e, le rona re fehelwa kahare ho rona, re lebeletse ho bewa bana, e leng topollo ya mmele ya rona.
24. Hobane re bolokehile ka tebello; athe se lebeletsweng ha se se se bonwe, ha e sa le tebello; hobane seo motho a se bonang, a ka se lebella jwang?
25. Empa ha re lebela seo re sa se boneng, re se lebella ka sebete.
26. Hape, le wona Moya o re tlatsa mefokolong ya rona; hobane ha re tsebe seo re tshwanetseng ho se kopa ka tshwanelo; empa Moya wona o re rapella ka mefehelo e ke keng ya bolelwa.
27. Mme ya lekolang botebo ba dipelo, o tseba kgopolo ya Moya, hobane o ntse o rapella bahalaledi ka mokgwa o ratwang ke Modimo.
28. Mme re tseba hore dintho tsohle di sebedisana hammoho molemo wa ba ratang Modimo, e leng ba bitsitsweng ka morero wa wona.
29. Hobane bao o itsebetseng bona pele, o bile o ba reretse pele, hore ba tla bapa le setshwantsho sa Mora wona, hore yena e tle e be wa letsibolo hara baena ba bangata.
30. Mme bao o ba reretseng pele, o bile o ba bitsitse; mme bao o ba bitsitseng, o bile o ba beile ba lokileng; mme bao o ba beileng ba lokileng, o bile o ba tlotlisitse.