Baroma 8:13-19 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

13. Hobane ha le phela ka thato ya nama, le tla shwa; empa ha le bolaya mesebetsi ya mmele ka Moya, le tla phela.

14. Hobane bohle ba tsamaiswang ke Moya wa Modimo, bona ke bana ba Modimo.

15. Hobane ha le a ka la newa moya wa bohlanka, hore tshabo e boele e be teng, le mpa le neilwe Moya wa ba bewang bana, oo re bitsang Abba! Ntate! ka wona.

16. Le wona Moya o emelana le moya wa rona, hore re bana ba Modimo.

17. Mme ha re le bana, re majalefa: majalefa a Modimo, le majalefa hammoho le Kreste, ha re fela re utlwa bohloko le yena, re tle re newe kganya le yena.

18. Ke mpa ke lekanya hore mahlomola a mehla ya jwale ha a tshwanele ho lekanngwa le kganya e tlang ho bonahala ho rona.

19. Hobane tse bopilweng kaofela di lebeletse ponahalo ya bana ba Modimo ka hlolohelo e kgolo.

Baroma 8