Baroma 7:3-15 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

3. Ha ho le jwalo, ha a ka nyalana le monna e mong, monna wa hae ha a sa phela, o tla bitswa mofebi; empa ha monna wa hae a shwele, o holotswe molaong, mme jwale, ha a ka nyalana le monna e mong, a ke ke a bitswa mofebi.

4. Le lona, banabeso, le shwele ka nqa ya molao ka mmele wa Kreste, le tle le nyalwe ke e mong, e leng ya tsohileng bafung, re tle re behele Modimo ditholwana.

5. Hobane, eitse ha re ne re sa le nameng, maikutlo a dibe, a halefiswang ke molao, a ne a sebetsa dithong tsa rona a tle a hlahise ditholwana tsa lefu.

6. Empa jwale, re holotswe molaong, ha re shwele ka nqeng ya molao oo re neng re bofilwe ke wona, re tle re sebeletse Modimo botjheng ba moya, e seng ka letere e tsofetseng.

7. Ana jwale re tla reng? A molao ke sebe na? Ho se ke ha thualo! Feela, hojane e se be ka molao, nka be ke sa tsebe sebe; hobane nka be ke sa ka ka tseba seo takatso e leng sona, hola molao o se ke wa re: O se ke wa lakatsa.

8. Empa sebe se nkile sebaka taelong, mme se hlahisitse ditakatso tsohle ka ho nna; hobane molao ha o le siyo, sebe se shwele.

9. Pele ke ne ke phela, ke se na molao; empa eitse ha molao o fihla, sebe sa tsoha, mme nna ka shwa.

10. Ha fihlelwa jwalo hobane taelo e beilweng ho mphedisa, ke yona e mpolaileng.

11. Hobane sebe, ka ho nka sebaka taelong, sa nthetsa, mme sa mpolaya ka yona.

12. Ha ho le jwalo, jwale, haele molao, wona o a halalela, le taelo e a halalela, e lokile, e molemo.

13. Hleka se leng molemo se mphetohetse lefu na? Ho se ke ha thualo! Empa sebe se mpolaile ka ntho e molemo, hore se tle se bonahale hoba ke sebe, le hore sebe se hlahise bobe ba sona ka ho fetisisa ka baka la taelo.

14. Hobane re a tseba hore molao ke wa moya, empa nna ke wa nama, ke reketswe hore ke be mohlanka wa sebe.

15. Hobane seo ke se etsang ha ke se tsebe; hobane ha ke etse seo ke se ratang, empa ke etsa seo ke se hloileng.

Baroma 7