17. Mme jwale, ha e sa le nna ke se etsang, empa e le sebe se ahileng ka ho nna.
18. Hobane ke tseba hore ha ho molemo o ahileng ka ho nna, ke ho re, nameng ya ka; hobane haele ho rata, hona ho teng ho nna, empa haele ho etsa se molemo, ha ke ho fihlele.
19. Hobane molemo oo ke o ratang, ha ke o etse, empa bobe boo ke sa bo rateng, bona ke a bo etsa.
20. Mme ha ke etsa seo ke sa se rateng, ha e sa le nna ke se etsang, empa e le sebe se ahileng ka ho nna.
21. Ke moo ke fumanang molao ka ho nna ya ratang ho etsa botle, wa hore bobe bo nkgomaretse.
22. Hobane haele ka motho wa kahare, ke thabela molao wa Modimo;
23. empa ke fumana molao osele dithong tsa ka, o lwantshanang le molao wa kelello ya ka, o mpofellang molaong wa sebe, o dithong tsa ka.
24. Ke motho ya soto hakakang! Ke mang ya tla ngkolla mmeleng wona wa lefu?
25. Ke leboha Modimo ka Jesu Kreste, Morena wa rona!
26. Jwale, haele ka nna, ka kelello ya ka, ke sebeletsa molao wa Modimo, empa ka nama ke sebeletsa molao wa sebe.