Baroma 7:14-17 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

14. Hobane re a tseba hore molao ke wa moya, empa nna ke wa nama, ke reketswe hore ke be mohlanka wa sebe.

15. Hobane seo ke se etsang ha ke se tsebe; hobane ha ke etse seo ke se ratang, empa ke etsa seo ke se hloileng.

16. Mme ha ke etsa seo ke sa se rateng, ka sona ke dumela hoba molao o molemo.

17. Mme jwale, ha e sa le nna ke se etsang, empa e le sebe se ahileng ka ho nna.

Baroma 7