Baroma 7:11-19 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

11. Hobane sebe, ka ho nka sebaka taelong, sa nthetsa, mme sa mpolaya ka yona.

12. Ha ho le jwalo, jwale, haele molao, wona o a halalela, le taelo e a halalela, e lokile, e molemo.

13. Hleka se leng molemo se mphetohetse lefu na? Ho se ke ha thualo! Empa sebe se mpolaile ka ntho e molemo, hore se tle se bonahale hoba ke sebe, le hore sebe se hlahise bobe ba sona ka ho fetisisa ka baka la taelo.

14. Hobane re a tseba hore molao ke wa moya, empa nna ke wa nama, ke reketswe hore ke be mohlanka wa sebe.

15. Hobane seo ke se etsang ha ke se tsebe; hobane ha ke etse seo ke se ratang, empa ke etsa seo ke se hloileng.

16. Mme ha ke etsa seo ke sa se rateng, ka sona ke dumela hoba molao o molemo.

17. Mme jwale, ha e sa le nna ke se etsang, empa e le sebe se ahileng ka ho nna.

18. Hobane ke tseba hore ha ho molemo o ahileng ka ho nna, ke ho re, nameng ya ka; hobane haele ho rata, hona ho teng ho nna, empa haele ho etsa se molemo, ha ke ho fihlele.

19. Hobane molemo oo ke o ratang, ha ke o etse, empa bobe boo ke sa bo rateng, bona ke a bo etsa.

Baroma 7