2. Ho se ke ha eba jwalo. Ana rona re shweleng ka nqa ya sebe, re ka nna ra phelela jwang ho sona?
3. Ana ha le tsebe hobane rona bohle ba kolobeleditsweng ho Jesu Kreste, re kolobeleditswe lefung la hae na?
4. Ka baka leo, re ile ra patwa le yena ka ho kolobeletswa lefung, hore, jwalokaha Kreste a tsositswe bafung ke kganya ya Ntatae, ka mokgwa o jwalo le rona re tsamaye ka bophelo bo botjha.
5. Hobane ekare ha re entswe setlama se le seng le yena ka ho tshwana le yena lefung la hae, re tla ba jwalo le tsohong ya hae,
6. re ntse re tseba hobane motho wa rona wa kgale o thakgisitswe le yena, hore mmele wa sebe o tle o fediswe, re tle re se ke ra hlola re eba bahlanka ba sebe.
7. Hobane ya shweleng o lokolotswe sebeng.
8. Mme jwale, ha re shwele le Kreste, re a dumela le hona hobane re tla phela le yena,
9. re tswe re tseba hoba Kreste, ha a se a tsohile bafung, ha a sa boela a eshwa; lefu ha le sa na matla ho yena.
10. Hobane ho shweng ha hae, o shwele hang ka nqa ya sebe; mme ho pheleng ha hae, o phelela Modimo.
11. Ka mokgwa o jwalo, le lona, le ke le bale hore le shwele ka nqeng ya sebe, le hore le phelela Modimo ka Jesu Kreste.
12. Mme jwale, sebe se se ke sa busa mmeleng ya lona e shwang, hore le se utlwe ditakatsong tsa sona.
13. Mme hape, le se ke la neela sebe ditho tsa lona ho ba dintho tsa ho sebetsa bokgopo; le mpe le ipee ho Modimo, jwaloka ba phelang ba neng ba shwele, mme le bee ditho tsa lona ho Modimo, e be dintho tsa ho sebetsa ho loka.
14. Hobane sebe se ke ke sa le busa, kahobane ha le pusong ya molao, empa le le pusong ya mohau.
15. Mme keng? Na a re tla etsa sebe, kahobane re se pusong ya molao, re mpa re le pusong ya mohau na? Tjhe, ho se ke ha eba jwalo!
16. Ana ha le tsebe hoba, ha le ipea bahlanka ba e mong ho mo utlwa, le bahlanka ba eo le mo utlwang, leha e le ba sebe se isang lefung, leha e le ba kutlo e isang ho lokeng?
17. Modimo o bokwe, hobane lona le neng le le bahlanka ba sebe, jwale le dumetse ka pelo ho ya ka mehlala ya thuto eo le e rutilweng.
18. Mme jwale, ha le holotswe sebeng, le fetohile bahlanka ba ho loka.