11. Ka mokgwa o jwalo, le lona, le ke le bale hore le shwele ka nqeng ya sebe, le hore le phelela Modimo ka Jesu Kreste.
12. Mme jwale, sebe se se ke sa busa mmeleng ya lona e shwang, hore le se utlwe ditakatsong tsa sona.
13. Mme hape, le se ke la neela sebe ditho tsa lona ho ba dintho tsa ho sebetsa bokgopo; le mpe le ipee ho Modimo, jwaloka ba phelang ba neng ba shwele, mme le bee ditho tsa lona ho Modimo, e be dintho tsa ho sebetsa ho loka.
14. Hobane sebe se ke ke sa le busa, kahobane ha le pusong ya molao, empa le le pusong ya mohau.
15. Mme keng? Na a re tla etsa sebe, kahobane re se pusong ya molao, re mpa re le pusong ya mohau na? Tjhe, ho se ke ha eba jwalo!
16. Ana ha le tsebe hoba, ha le ipea bahlanka ba e mong ho mo utlwa, le bahlanka ba eo le mo utlwang, leha e le ba sebe se isang lefung, leha e le ba kutlo e isang ho lokeng?
17. Modimo o bokwe, hobane lona le neng le le bahlanka ba sebe, jwale le dumetse ka pelo ho ya ka mehlala ya thuto eo le e rutilweng.
18. Mme jwale, ha le holotswe sebeng, le fetohile bahlanka ba ho loka.
19. Ke bolela ka mokgwa wa batho ka baka la phokolo ya nama ya lona. Ke re: Jwalokaha le ne le beile ditho tsa lona ho ba bahlanka ba ditshila le ba bokgopo ho etsa bokgopo, ka mokgwa oo jwale, beang ditho tsa lona jwalo, di be bahlanka ba ho loka ho isang kgalalelong.
20. Hobane ha le ne le sa ntse le le bahlanka ba sebe, le ne le sa buswe ke ho loka.
21. Mehleng eo, le ne le kotulang dinthong tseo le swabang ke tsona jwale? Hobane bofello ba tsona ke lefu.
22. Empa jwale, ha le holotswe sebeng, mme le fetohile bahlanka ba Modimo, le ikotulela kgalalelo, mme bofello ke bophelo bo sa feleng.
23. Hobane moputso wa sebe ke lefu; empa neo ya mohau ya Modimo ke bophelo bo sa feleng, ka Jesu Kreste, Morena wa rona.