Baroma 6:1-8 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Jwale, re tla reng? Hleka re tla hlola sebeng hore mohau o tle o ngatafale na?

2. Ho se ke ha eba jwalo. Ana rona re shweleng ka nqa ya sebe, re ka nna ra phelela jwang ho sona?

3. Ana ha le tsebe hobane rona bohle ba kolobeleditsweng ho Jesu Kreste, re kolobeleditswe lefung la hae na?

4. Ka baka leo, re ile ra patwa le yena ka ho kolobeletswa lefung, hore, jwalokaha Kreste a tsositswe bafung ke kganya ya Ntatae, ka mokgwa o jwalo le rona re tsamaye ka bophelo bo botjha.

5. Hobane ekare ha re entswe setlama se le seng le yena ka ho tshwana le yena lefung la hae, re tla ba jwalo le tsohong ya hae,

6. re ntse re tseba hobane motho wa rona wa kgale o thakgisitswe le yena, hore mmele wa sebe o tle o fediswe, re tle re se ke ra hlola re eba bahlanka ba sebe.

7. Hobane ya shweleng o lokolotswe sebeng.

8. Mme jwale, ha re shwele le Kreste, re a dumela le hona hobane re tla phela le yena,

Baroma 6