7. Athe ke kathata e mong a ka shwelang ya lokileng; hobane mohlomong e mong a ka tshoha a tiisa pelo ho shwela motho ya molemo.
8. Empa moo Modimo o totisitseng lerato la wona ho rona teng, ke ka hore, re sa le baetsadibe, Kreste o bile a shwa sebakeng sa rona.
9. Mme jwale, ha re se re beilwe ba lokileng ka madi a hae, re tla lwelwa bohaleng ho fetisa hakakang ka baka la hae.
10. Hobane esitile re sa ntse re le dira, re bile ra boelanngwa le Modimo ka ho shwa ha Mora wa wona, haholo jwale, ha re se re boelantswe, re tla bolokeha hakakang ka ho phela ha hae!
11. Mme hase hoo feela, empa hape re ithorisetsa ho Modimo ka Jesu Kreste, Morena wa rona, eo jwale re boneng poelano ka yena.
12. Ka baka leo, jwalokaha sebe se kene lefatsheng ka motho a le mong, mme lefu le kene ka sebe, ka mokgwa o jwalo lefu le aparetse batho bohle, kahobane ba sitilwe bohle.
13. Hobane molao o eso ho fihle, sebe se ne se ntse se le teng lefatsheng. Empa sebe ha se ballwe motho, ha molao o le siyo.
14. Leha ho le jwalo, lefu le kile la busa ho tloha ho Adama ho isa ho Moshe, la eba ho ba sa kang ba sitwa ka ho tlola ho tshwanang le ha Adama, eo e leng setshwantsho sa ya neng a tla tla.
15. Empa neo ya mohau ha e dule jwaloka tlolo; kahobane ekare ha ba bangata ba shwele ka tlolo ya motho a le mong, mohau wa Modimo le neo e tswang mohaung wa motho a le mong, e leng Jesu Kreste, di atetse ba bangata ka ho fetisisa.