15. Empa neo ya mohau ha e dule jwaloka tlolo; kahobane ekare ha ba bangata ba shwele ka tlolo ya motho a le mong, mohau wa Modimo le neo e tswang mohaung wa motho a le mong, e leng Jesu Kreste, di atetse ba bangata ka ho fetisisa.
16. Hape, neo ha e jwaloka ho hlahileng ka ho sitwa ha motho a le mong; hobane kahlolo e tswile ho motho a le mong, e tlisitse tsuo; empa neo ya mohau e tswile ditlolong tse ngata, e tlisitse ho loka.
17. Hobane ekare haele ka baka la ho tlola ha motho a le mong lefu le busitseng ka motho eo a le mong, haholo ba fuwang bongata ba mohau le ba neo ya ho loka ba tla busa bophelong ka motho a le mong, e leng Jesu Kreste.
18. Ka baka leo, jwalokaha ho tlola ha motho a le mong ho tlisitse tsuo hodima batho bohle, ka mokgwa o jwalo ho loka ha motho a le mong le hona ho tlisetsa batho bohle ho loka ho neang bophelo.
19. Hobane jwalokaha ba bangata ba beilwe baetsadibe ka ho se utlwe ha motho a le mong, ka mokgwa o jwalo, ba bangata ba tla bewa ba lokileng ka ho utlwa ha a le mong.