Baroma 5:1-9 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Jwale, ha re beilwe ba lokileng ka tumelo, re na le kgotso ho Modimo, ka Jesu Kreste, Morena wa rona;

2. e leng yena eo hape re boneng ka yena, ka tumelo, katamelo mohaung ona, oo re emeng ho wona, mme re ithorisetsa tshepong ya kganya ya Modimo.

3. Hase hoo feela, empa re ithorisetsa le matshwenyehong, re tswe re tseba hobane tshwenyeho e hlahisa mamello,

4. mamello e hlahisa temoho, temoho e hlahisa tshepo;

5. mme tshepo ha e hlahisetse motho dihlong, hobane lerato la Modimo le tshetswe dipelong tsa rona ke Moya o Halalelang oo re o neilweng.

6. Efela, ha re ne re se na matla, Kreste a shwa ka nako e tshwanelang, sebakeng sa ba sa reng letho ka Modimo.

7. Athe ke kathata e mong a ka shwelang ya lokileng; hobane mohlomong e mong a ka tshoha a tiisa pelo ho shwela motho ya molemo.

8. Empa moo Modimo o totisitseng lerato la wona ho rona teng, ke ka hore, re sa le baetsadibe, Kreste o bile a shwa sebakeng sa rona.

9. Mme jwale, ha re se re beilwe ba lokileng ka madi a hae, re tla lwelwa bohaleng ho fetisa hakakang ka baka la hae.

Baroma 5