Baroma 3:9-27 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

9. Mme jwale, keng? Hleka re fetisa baditjhaba na? Tjhe, le hanyenyane; hobane re se re bontshitse pele hore bohle, leha e le Bajuda, leha e le Bagerike, ba sebeng,

10. jwalokaha ho ngodilwe, ho thwe: Ha ho ya lokileng, leha a le mong;

11. ha ho ya nang le kutlwisiso, ha ho ya batlang Modimo;

12. bohle ba kgelohile, bohle hammoho ba ikentse ntho ya lefeela; ha ho ya etsang botle, leha a le mong;

13. mmetso ya bona ke lebitla le ahlamileng; ba thetsa ka maleme a bona; mahloko a marabe a katlasa melomo ya bona;

14. hanong ho bona ho tletse dihlapa le ho baba;

15. maoto a bona a lebelo ho ya tsholla madi;

16. tshenyo le bosenyehi bo ditseleng tsa bona;

17. ha ba tsebe tsela ya kgotso;

18. ho tshaba Modimo ha ho yo pela mahlo a bona.

19. Jwale, re tseba hobane tsohle tse bolelwang ke molao, di bolellwa ba molaong; hore melomo yohle e tle e thijwe, mme batho bohle ba be molato pela Modimo.

20. Ka baka leo, ha ho nama, leha e le nngwe, e tlang ho bewa e lokileng pela wona ke mesebetsi ya molao; hobane ke ka molao re nang le tsebo ya sebe.

21. Empa jwale, ho loka ha Modimo ho hlahile, e seng ka molao, ho ntse ho pakwa ke molao le baporofeta;

22. e leng ho loka ha Modimo ho bonwang ka tumelo ho Jesu Kreste, ho bang ho bohle, le hodima bohle ba dumelang; hobane ha ho hosele moo;

23. hobane bohle ba sitilwe, mme ha ba tshwanelwe ke kganya ya Modimo.

24. Ba mpa ba bewa ba lokileng ke mohau wa wona feela, ka topollo e leng ho Jesu Kreste;

25. eo Modimo o mmeileng esale pele hore e be pheko ho ba dumelang mading a hae, o tle o bonahatse ho loka ha wona, kamoo Modimo o neng o lesitse dibe tsa pele kateng, mehleng ya boiphapanyo ba wona.

26. Ebile hore o bonahatse ho loka ha wona mehleng ya jwale, hore e tle e be o lokileng le o beang ya nang le tumelo ho Jesu ya lokileng.

27. Jwale, sebaka sa ho ithorisa se kae? Ha se yo. Ka molao ofe? A ke ka wa mosebetsi na? Tjhe; empa e le ka molao wa tumelo.

Baroma 3