4. Ho se be jwalo! Nnete e be ya Modimo, mme batho bohle ba be leshano, jwalokaha ho ngodilwe, ho thwe: O tle o fumanwe o lokile dipolelong tsa hao, mme o tle o hlole mohla o ahlolwang.
5. Mme ha ho se loke ha rona ho bonahatsa ho loka ha Modimo, re tla reng moo? Na Modimo o kgopo ha o etsa ka kgalefo na?
6. (Ke bolela ka mokgwa wa batho.) Ho se ke ha thualo! Hobane hojane ho le jwalo, na Modimo o bo o tla ahlola lefatshe jwang?
7. Empa ekare ha nnete ya Modimo e bonahatswa ka leshano la ka, mme kganya ya wona e hodiswa ke hona, nna ke sa tswelwang jwaloka hoja ke le moetsadibe?
8. Mme ha re etse keng bobe, botle bo tle bo hlahe? Kamoo re ntseng re etselletswa kateng, ke ba bang, ha ba bolela hore re rialo. Tsuo ya bao e lokile.
9. Mme jwale, keng? Hleka re fetisa baditjhaba na? Tjhe, le hanyenyane; hobane re se re bontshitse pele hore bohle, leha e le Bajuda, leha e le Bagerike, ba sebeng,
10. jwalokaha ho ngodilwe, ho thwe: Ha ho ya lokileng, leha a le mong;
11. ha ho ya nang le kutlwisiso, ha ho ya batlang Modimo;
12. bohle ba kgelohile, bohle hammoho ba ikentse ntho ya lefeela; ha ho ya etsang botle, leha a le mong;
13. mmetso ya bona ke lebitla le ahlamileng; ba thetsa ka maleme a bona; mahloko a marabe a katlasa melomo ya bona;