Baroma 3:22-31 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

22. e leng ho loka ha Modimo ho bonwang ka tumelo ho Jesu Kreste, ho bang ho bohle, le hodima bohle ba dumelang; hobane ha ho hosele moo;

23. hobane bohle ba sitilwe, mme ha ba tshwanelwe ke kganya ya Modimo.

24. Ba mpa ba bewa ba lokileng ke mohau wa wona feela, ka topollo e leng ho Jesu Kreste;

25. eo Modimo o mmeileng esale pele hore e be pheko ho ba dumelang mading a hae, o tle o bonahatse ho loka ha wona, kamoo Modimo o neng o lesitse dibe tsa pele kateng, mehleng ya boiphapanyo ba wona.

26. Ebile hore o bonahatse ho loka ha wona mehleng ya jwale, hore e tle e be o lokileng le o beang ya nang le tumelo ho Jesu ya lokileng.

27. Jwale, sebaka sa ho ithorisa se kae? Ha se yo. Ka molao ofe? A ke ka wa mosebetsi na? Tjhe; empa e le ka molao wa tumelo.

28. Ha ho le jwalo, re kgolwa hore motho o bewa ya lokileng ka tumelo, kantle ho mesebetsi ya molao.

29. Na Modimo ke Modimo wa Bajuda ba nnotshi na? Na hase le wa baditjhaba na? E, ke wa baditjhaba le bona.

30. Hobane Modimo o mong feela, o tlang ho bea ba lebollo ba lokileng ka tumelo, le bona ba sa bollang ka tumelo.

31. Hleka jwale re fedisa molao ka tumelo na? Ho se ke ha thualo; re mpa re tiisa molao.

Baroma 3