Baroma 3:1-7 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Ha ho le jwalo, seo Mojuda a fetisang ba bang ka sona keng? kapa molemo wa lebollo ke ofe?

2. O moholo ka nqa tsohle, haholo kahobane dipolelo tsa Modimo di tshepetswe bona.

3. Hleka leha ba bang ho bona ba sa ka ba dumela, ho se dumele ha bona ho ka fosisa ho tshepeha ha Modimo na?

4. Ho se be jwalo! Nnete e be ya Modimo, mme batho bohle ba be leshano, jwalokaha ho ngodilwe, ho thwe: O tle o fumanwe o lokile dipolelong tsa hao, mme o tle o hlole mohla o ahlolwang.

5. Mme ha ho se loke ha rona ho bonahatsa ho loka ha Modimo, re tla reng moo? Na Modimo o kgopo ha o etsa ka kgalefo na?

6. (Ke bolela ka mokgwa wa batho.) Ho se ke ha thualo! Hobane hojane ho le jwalo, na Modimo o bo o tla ahlola lefatshe jwang?

7. Empa ekare ha nnete ya Modimo e bonahatswa ka leshano la ka, mme kganya ya wona e hodiswa ke hona, nna ke sa tswelwang jwaloka hoja ke le moetsadibe?

Baroma 3