Baroma 2:22-29 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

22. Wena ya reng, ho se ke ha fejwa, o a feba! Wena ya hloyang ditshwantsho tsa medimo, o utswa tseo e leng tsa medimo!

23. Wena ya ithorisang ka molao, o hlompholla Modimo ka ho tlola molao!

24. Hobane lebitso la Modimo le nyefolwa ka baka la lona hara bahedene, jwalokaha ho ngodilwe.

25. Efela lebollo le na le molemo, ha o etsa ka molao; empa ekare ha o le ya tlolang molao, lebollo la hao etlaba le fetohile boqai.

26. Empa ekare ha leqai le boloka ditaelo tsa molao, na boqai ba lona bo ke ke ba balwa jwaloka hoja ke lebollo na?

27. Mme eo e sa leng a hlaha a sa ka a bolla, ekare ha a etsa ka molao, na a ke ke a o ahlola, wena ya tlolang molao, leha o na le letere ya molao le lebollo na?

28. Hobane eo e leng Mojuda, hase eo e leng yena kantle, le lebollo hase le etswang kantle, nameng;

29. empa Mojuda ke eo e leng yena kahare, mme lebollo ke la pelo, le etswang ke Moya, e seng ke letere: Mojuda eo, poko ya hae ha e tswe ho batho, empa e tswa ho Modimo.

Baroma 2