18. o tseba thato ya wona, o tseba le ho kgetha se sa dumellaneng le yona, etswe o rutilwe ke molao.
19. O hloma eka o motsamaisi wa difofu le lesedi la ba leng lefifing,
20. le moeletsi wa ba sa tsebeng letho, le moruti wa dithoto, kahobane molaong o neilwe thuto e nepehileng ya tsebo le ya nnete.
21. Empa wena ya rutang ba bang, hle wena ha o ithute! Wena ya bolelang hore ho se ke ha utsuwa, o a utswa!
22. Wena ya reng, ho se ke ha fejwa, o a feba! Wena ya hloyang ditshwantsho tsa medimo, o utswa tseo e leng tsa medimo!
23. Wena ya ithorisang ka molao, o hlompholla Modimo ka ho tlola molao!
24. Hobane lebitso la Modimo le nyefolwa ka baka la lona hara bahedene, jwalokaha ho ngodilwe.
25. Efela lebollo le na le molemo, ha o etsa ka molao; empa ekare ha o le ya tlolang molao, lebollo la hao etlaba le fetohile boqai.
26. Empa ekare ha leqai le boloka ditaelo tsa molao, na boqai ba lona bo ke ke ba balwa jwaloka hoja ke lebollo na?