12. Ka baka leo, bohle ba sitilweng ba se na molao, ba tla timela ho se molao; mme bohle ba sitilweng ba ena le molao, ba tla ahlolwa ke molao.
13. Hobane ba utlwang molao, hase bona ba lokileng pela Modimo, empa ba phethang molao ke bona ba tla bewa ba lokileng;
14. hobane baditjhaba ba se nang molao, ha ba etsa, ka ho itsebela ha bona, taba tseo e leng tsa molao, bona ba se nang molao ba na le molao ka ho bona.
15. Ba bonahatsa hobane mosebetsi wa molao o ngodilwe dipelong tsa bona, ba ntse ba pakelwa ke letswalo le ke mehopolo ya bona e ba kgalemelang, kapa e ba emelang,
16. tsatsing leo Modimo o tla ahlola disatsejweng tsa batho ka Jesu Kreste, jwalokaha Evangeli yaka e ruta.
17. Bona, o na le lebitso la Mojuda; o tshepile molao; o ithorisa ka Modimo;
18. o tseba thato ya wona, o tseba le ho kgetha se sa dumellaneng le yona, etswe o rutilwe ke molao.
19. O hloma eka o motsamaisi wa difofu le lesedi la ba leng lefifing,