Baroma 2:1-7 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Ha ho le jwalo, wena motho, leha o ka ba mang le mang, o ahlolang ba bang, ha o na moitatolo; hobane, ha o ntse o ahlola ba bang, o itswa e le wena; hobane wena ya ahlolang, o etsa tsona ditaba tseo.

2. Re fela re tseba hobane kahlolo ya Modimo ke ya nnete ha e tswa ba etsang tse jwalo.

3. Mme wena motho, o ahlolang ba etsang tse jwalo, athe le wena o a di etsa, hleka o hloma ekaba wena o tla phema kahlolo ya Modimo na?

4. Kapa, o nyedisa monono wa mosa wa wona, le wa sebete sa wona, le wa pelo ya wona e telele, ka ho se lemohe hoba molemo wa Modimo o o kgannela pakong na?

5. Empa ka bothata ba hao le ka pelo ya hao e se nang pako, o ipokellela bohale bo tlang ho hlahela mohla letsatsi la bohale le la ponahatso ya kahlolo e lokileng ya Modimo,

6. o tlang ho nea e mong le e mong ka ho etsa ha hae:

7. Ba batlang kganya, le hlompheho, le ho se bole, ka ho tiisetsa ho etsa hantle, o ba nee bophelo bo sa feleng;

Baroma 2