2. Le tle le mo amohele Moreneng, jwalokaha bahalaledi ba tshwanelwa ke ho amohelwa, mme le mo thuse nthong tsohle tseo a ka le hlokang ho tsona; hobane le yena o thusitse ba bangata, le nna ka sebele.
3. Ntumedisetseng Prisila le Akila, batlatsi ba ka ho Jesu Kreste;
4. ba kileng ba ntella dihlooho tsa bona ho mpholosa; mme hase nna feela ke ba lebohang, ba lebohuwa le ke dikereke tsohle tsa baditjhaba.
5. Ntumedisetseng le kereke e ka tlung ya bona. Ntumedisetseng Epainete, moratuwa wa ka, eo e leng thakangwaha ya Akaea ho Kreste.
6. Ntumedisetseng Maria, ya re sebeleditseng haholo.
7. Ntumedisetseng Andronika le Juniase, batswala ba ka, ba kileng ba tlangwa le nna, mme ba tumile hara baapostola, mme e bile ba pele ho nna ho Kreste.
8. Ntumedisetseng Ampliase, moratuwa wa ka Moreneng.
9. Ntumedisetseng Urbane, motlatsi wa rona mosebetsing wa Kreste, le Stakise, moratuwa wa ka.
10. Ntumedisetseng Apelle, ya kgabane ho Kreste. Ntumedisetseng le ba ha Aristobule.