11. Ntumedisetseng Herodione, motswala wa ka. Ntumedisetseng ba ntlo ya Narsise, ba leng Moreneng.
12. Ntumedisetseng Trifene le Trifose, basadi ba sebeletsang Morena. Ntumedisetseng Persida, moratuwa wa rona; le yena o sebeditse haholo tshebeletsong ya Morena.
13. Ntumedisetseng Rufuse, mokgethwa wa Morena, le mmae, eo e leng le mme.
14. Ntumedisetseng Asinkrite, le Flegone, le Hermese, le Patrobase, le Hermase, le baena ba nang le bona.
15. Ntumedisetseng Filologe, le Julia, le Nerea, le ngwanabo, le Olimpa, le bahalaledi bohle ba nang le bona.
16. Dumedisanang ka kako e halalelang. Dikereke tsa Kreste kaofela di a le dumedisa.
17. Jwale, banabeso, ke a le kgothatsa, ke re, le iponele ho ba hlahisang dikgaohano le dikgopiso ka ho senya thuto eo le ithutileng yona, mme le ba sesefe.
18. Hobane batho ba jwalo ha ba sebeletse Morena wa rona Jesu Kreste, ba mpa ba sebeletsa dimpa tsa bona feela, mme ba kgelosa dipelo tsa ba se nang molato ka dipolelo tse kgahlehang le ka tse tjhatjhehisang.
19. Empa ho utlwa ha lona ho tsebilwe ke bohle; ke le thabela ke hona, empa ke rata ha le ka ba bohlale botleng, mme le be dithoto bobeng.
20. Modimo wa kgotso ke wona o tla phakisa o robokele Satane katlasa maoto a lona. Mohau wa Morena wa rona Jesu Kreste o be le lona. Amen!
21. Timothea, molekane wa ka mosebetsing, o a le dumedisa; Lusiuse, Jasone, le Sosipatere, batswala ba ka, ba le dumedisa.
22. Nna, Tertiuse, mongodi wa lengolo lena, ke a le dumedisa Moreneng.
23. Gaiuse, moamohedi wa ka le wa kereke yohle, o a le dumedisa. Eraste, molotolotsi wa motse, o a le dumedisa, le Kwartuse, ngwanabo rona.
24. Mohau wa Morena wa rona Jesu Kreste o be le lona bohle. Amen!
25. Jwale, ho ya nang le matla a ho le tiisa Evangeling ya ka, le polelong ya Jesu Kreste, ka tshenolo ya sephiri se neng se kwahetswe mehleng ya boholoholo,
26. empa jwale se pepesitswe ke mangolo a baporofeta, mme, ka taelo ya Modimo o sa feleng, se senoletswe ditjhaba tsohle, di tle di finyelle kutlong ya tumelo;
27. ke re, ho yena, e leng Modimo o bohlale o nnotshi, e be letlotlo ka ho sa yeng kae, ka Jesu Kreste! Amen!