4. Hobane taba tsohle tse ngodilweng pele, di ngodilwe ho re ruta, hore, ka ho mamella le ka ho tshediswa ke Mangolo, re tle re be le tshepo.
5. Modimo wa mamello le wa tshediso o ke o le nee ho ba le kgopolo e le nngwe e mong ka nqa ho e mong, ho Jesu Kreste,
6. bohle hammoho le tle le tlotlise Modimo, e leng Ntata Morena wa rona Jesu Kreste, ka molomo o le mong.
7. Le amohelane ke hona, jwalokaha Kreste le yena a le amohetse, e be tlotliso ya Modimo.
8. Mme ke re: Jesu Kreste e bile monemotse wa ba lebollo ya emelang nnete ya Modimo, hore a tle a phethe ditshepiso tse etseditsweng bontatemoholo;
9. le hore baditjhaba ba tle ba tlotlise Modimo, ka baka la mohau wa wona; jwalokaha ho ngodilwe, ho thwe: Ka baka leo, ke tla o tumisa hara baditjhaba, ke binele lebitso la hao dipesaleme.
10. Ho itswe hape: Lona, baditjhaba, le nyakalle le setjhaba sa wona.
11. Ha boelwa ha thwe: Lona ditjhaba tsohle, bokang Morena; mo roriseng, lona batho bohle.
12. Esaia le yena o itse: Ho tla hlaha lehlomela la Jese, e leng ya tla ema ho busa ditjhaba, mme baditjhaba ba tla mo tshepa.
13. Jwale, Modimo wa tshepo o le tlatse ka thabo yohle le ka kgotso yohle tumelong, tshepo ya lona e tle e ekeletswe ka matla a Moya o Halalelang.
14. Haele nna, banabeso, ke a tshepa hore le lona le tletse molemo, le hoba le tletse le tsebo yohle, mme le hona le ka tseba ho eletsana.
15. Empa banabeso, nqe nngwe ke le ngoletse phatlalatsa, ke ntse ke re, ke le hopotsa ditaba ka baka la mohau oo ke o filweng ke Modimo,
16. ke tle ke be monemotse wa Jesu Kreste hara baditjhaba, ka ho phetha tsa boprista ba Evangeli ya Modimo, hore kabelo ya baditjhaba e tle e be e natefelang Modimo, e ntse e halaletswe ke Moya o Halalelang.
17. Ke moo ke nang le lebaka la ho ithorisa ho Jesu Kreste tabeng tseo e leng tsa Modimo.
18. Hobane nka sitwa ho bolela letho leo Kreste a sa kang a le etsa ka nna, ho tlisa baditjhaba kutlong, ka dipolelo le ka mesebetsi,
19. ka matla a mehlolo le a meeka, le ka matla a Moya wa Modimo; ke bile ka hasa Evangeli ya Kreste, ho qala ka Jerusalema le mathoko a yona ho ya qetella ka Iliria.
20. Mme jwale, ke bile ka phehella hoba ke bolele Evangeli moo Kreste a neng a eso ho bolelwe teng, hore ke se ke ka haha motheong wa ba bang.
21. Ho mpe ho be jwalokaha ho ngodilwe, ho thwe: Bao a neng a eso ho ka a bolelwa ho bona, ba tla bona, le ba neng ba eso ho ka ba utlwa taba tsa hae, ba tla utlwisisa.
22. Ke yona taba e nthibetseng hangata ho le etela.