Baroma 15:14-31 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

14. Haele nna, banabeso, ke a tshepa hore le lona le tletse molemo, le hoba le tletse le tsebo yohle, mme le hona le ka tseba ho eletsana.

15. Empa banabeso, nqe nngwe ke le ngoletse phatlalatsa, ke ntse ke re, ke le hopotsa ditaba ka baka la mohau oo ke o filweng ke Modimo,

16. ke tle ke be monemotse wa Jesu Kreste hara baditjhaba, ka ho phetha tsa boprista ba Evangeli ya Modimo, hore kabelo ya baditjhaba e tle e be e natefelang Modimo, e ntse e halaletswe ke Moya o Halalelang.

17. Ke moo ke nang le lebaka la ho ithorisa ho Jesu Kreste tabeng tseo e leng tsa Modimo.

18. Hobane nka sitwa ho bolela letho leo Kreste a sa kang a le etsa ka nna, ho tlisa baditjhaba kutlong, ka dipolelo le ka mesebetsi,

19. ka matla a mehlolo le a meeka, le ka matla a Moya wa Modimo; ke bile ka hasa Evangeli ya Kreste, ho qala ka Jerusalema le mathoko a yona ho ya qetella ka Iliria.

20. Mme jwale, ke bile ka phehella hoba ke bolele Evangeli moo Kreste a neng a eso ho bolelwe teng, hore ke se ke ka haha motheong wa ba bang.

21. Ho mpe ho be jwalokaha ho ngodilwe, ho thwe: Bao a neng a eso ho ka a bolelwa ho bona, ba tla bona, le ba neng ba eso ho ka ba utlwa taba tsa hae, ba tla utlwisisa.

22. Ke yona taba e nthibetseng hangata ho le etela.

23. Empa jwale, haele moo ke se ke se na sebaka naheng tsena, mme kahobane esale kentse ke lakatsa ho le etela, e se e le dilemo tse ngata,

24. ke tla le etela ha ke ya Spania; hobane ke tshepile hore ke tla le bona, ha ke haola naha ya lona, le hore ke lona le tla nkisa teng, ha ke se ke kgotswe hanyenyane ke lona.

25. Haele jwale, ke ya Jerusalema, ho ya sebeletsa bahalaledi.

26. Hobane ba Masedonia le ba Akaea ba ratile ho bokella dithuso tse tla abelwa bahalaledi ba fumanehileng ba Jerusalema.

27. Ke re, ba ratile, athe ba fela ba le molato ho bona ruri; hobane baditjhaba ha ba abetswe menono ya bona ya moya, le bona ba tshwanetse ho ba abela menono ya nama.

28. Jwale, etlare hobane ke phethe hoo, mme ke behe tholwana eo matsohong a bona, ke tla ya Spania, ke feta ha lona.

29. Mme ke tseba hore ha ke etla ho lona, ke tla tla ka hlohonolofatso e ngata ya Evangeli ya Kreste.

30. Jwale, banabeso, ke a le rapela, ka baka la Morena wa rona Jesu Kreste, le ka lerato la Moya, hore le lona le tle le ntwanele merapelong eo le nketsetsang yona ho Modimo;

31. hore o tle o ntwele ho ba sa dumeleng ba Judea, le hore bahalaledi ba Jerusalema ba tle ba amohele hamonate thuso eo ke e isang ho bona;

Baroma 15