Baroma 15:1-12 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Jwale, rona ba matla, re tshwanetse ho jara mefokolo ya ba fokolang, mme re se ke ra batla ho kgahlisang rona feela.

2. Motho ka mong ho rona a kgahlise ngwanabo ka ho mmatlela se molemo ho yena, se ka mo hahisang.

3. Hobane Kreste le yena ha a ka a batla tse mo kgahlisang, empa ho bile jwalokaha ho ngodilwe, ho thwe: Dikomang tsa ba o rorelang di nkwetse hodimo.

4. Hobane taba tsohle tse ngodilweng pele, di ngodilwe ho re ruta, hore, ka ho mamella le ka ho tshediswa ke Mangolo, re tle re be le tshepo.

5. Modimo wa mamello le wa tshediso o ke o le nee ho ba le kgopolo e le nngwe e mong ka nqa ho e mong, ho Jesu Kreste,

6. bohle hammoho le tle le tlotlise Modimo, e leng Ntata Morena wa rona Jesu Kreste, ka molomo o le mong.

7. Le amohelane ke hona, jwalokaha Kreste le yena a le amohetse, e be tlotliso ya Modimo.

8. Mme ke re: Jesu Kreste e bile monemotse wa ba lebollo ya emelang nnete ya Modimo, hore a tle a phethe ditshepiso tse etseditsweng bontatemoholo;

9. le hore baditjhaba ba tle ba tlotlise Modimo, ka baka la mohau wa wona; jwalokaha ho ngodilwe, ho thwe: Ka baka leo, ke tla o tumisa hara baditjhaba, ke binele lebitso la hao dipesaleme.

10. Ho itswe hape: Lona, baditjhaba, le nyakalle le setjhaba sa wona.

11. Ha boelwa ha thwe: Lona ditjhaba tsohle, bokang Morena; mo roriseng, lona batho bohle.

12. Esaia le yena o itse: Ho tla hlaha lehlomela la Jese, e leng ya tla ema ho busa ditjhaba, mme baditjhaba ba tla mo tshepa.

Baroma 15