8. Hobane leha re phela, re phelela Morena, mme leha re eshwa, re shwela Morena. Ka baka leo, leha re phela, leha re eshwa, re ba Morena.
9. Hobane ha Kreste a shwele, a ba a tsoha, a boela a phela, ke ho re, e be yena ya busang bafu le ba phelang.
10. Empa wena, o ahlolelang ngwaneno? Kapa wena, o nyedisetsang ngwaneno? Athe bohle re tla emiswa pela setulo sa kahlolo sa Modimo.
11. Hobane ho ngodilwe, ho thwe: Ka nna ya phelang, ho rialo Morena, ke re: Mangwele wohle a tla kgumama pela ka, mme maleme wohle a tla tlotlisa Modimo.
12. Ka mokgwa o jwalo, motho ka mong ho rona o tla ikarabela ho Modimo bakeng sa tsa hae.
13. A re se keng ra ahlolana ke hona; le mpe le ahlole hona hore ha le a tshwanela ho bea kgopiso le kgolokgothehiso pela ngwanabo lona.
14. Ke a tseba, ke bile ke kgolwa ke le ka ho Morena Jesu, hobane ha ho ntho e ka bang mpe, ka bobe boo e leng ba yona; empa motho ekare ha a dumela hobane ntho e mpe, e tla ba mpe ho yena.
15. Ekare ha o swabisa ngwaneno ka baka la sejo se seng, teng ha o tsamaye ka lerato. O se ke wa fedisa ka sejo sa hao motho eo Kreste a mo shwetseng.
16. Ha ho le jwalo, botle boo ba lona bo se ke ba nyatsuwa;
17. hobane mmuso wa Modimo hase ho ja, hase ho nwa, empa ke ho loka, le kgotso, le thabo, ka Moya o Halalelang.
18. Hobane ya sebeletsang Kreste nthong tseo, o kgahlisa Modimo, mme o emelwa ke batho.
19. A re ke re batleng ke hona ditaba tse hlahisang kgotso, le tseo re ka hahisanang hammoho ka tsona.
20. O se ke wa fedisa mosebetsi wa Modimo ka sejo sa hao. Efela ntho tsohle di hlwekile, empa motho a ka etsa hampe ha a di ja a ntse a kgopisa e mong.
21. Ho hotle hore ho se ke ha jewa nama, ho se ke ha nowa veine, ho se ke ha etswa letho, leha le le leng, le ka kgopisang ngwaneno, leha e le ho mo kgolokgothehisa, leha e le ho mo fokodisa.
22. Ha o ena le tumelo, o be le yona kahare ho wena pela Modimo. Motho ya lehlohonolo ke eo letswalo la hae le sa mo tsweng dinthong tseo a di emelang.