Baroma 14:7-23 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

7. Hobane ha ho motho ho rona ya iphelelang, mme hape ha ho motho ya itjhwellang.

8. Hobane leha re phela, re phelela Morena, mme leha re eshwa, re shwela Morena. Ka baka leo, leha re phela, leha re eshwa, re ba Morena.

9. Hobane ha Kreste a shwele, a ba a tsoha, a boela a phela, ke ho re, e be yena ya busang bafu le ba phelang.

10. Empa wena, o ahlolelang ngwaneno? Kapa wena, o nyedisetsang ngwaneno? Athe bohle re tla emiswa pela setulo sa kahlolo sa Modimo.

11. Hobane ho ngodilwe, ho thwe: Ka nna ya phelang, ho rialo Morena, ke re: Mangwele wohle a tla kgumama pela ka, mme maleme wohle a tla tlotlisa Modimo.

12. Ka mokgwa o jwalo, motho ka mong ho rona o tla ikarabela ho Modimo bakeng sa tsa hae.

13. A re se keng ra ahlolana ke hona; le mpe le ahlole hona hore ha le a tshwanela ho bea kgopiso le kgolokgothehiso pela ngwanabo lona.

14. Ke a tseba, ke bile ke kgolwa ke le ka ho Morena Jesu, hobane ha ho ntho e ka bang mpe, ka bobe boo e leng ba yona; empa motho ekare ha a dumela hobane ntho e mpe, e tla ba mpe ho yena.

15. Ekare ha o swabisa ngwaneno ka baka la sejo se seng, teng ha o tsamaye ka lerato. O se ke wa fedisa ka sejo sa hao motho eo Kreste a mo shwetseng.

16. Ha ho le jwalo, botle boo ba lona bo se ke ba nyatsuwa;

17. hobane mmuso wa Modimo hase ho ja, hase ho nwa, empa ke ho loka, le kgotso, le thabo, ka Moya o Halalelang.

18. Hobane ya sebeletsang Kreste nthong tseo, o kgahlisa Modimo, mme o emelwa ke batho.

19. A re ke re batleng ke hona ditaba tse hlahisang kgotso, le tseo re ka hahisanang hammoho ka tsona.

20. O se ke wa fedisa mosebetsi wa Modimo ka sejo sa hao. Efela ntho tsohle di hlwekile, empa motho a ka etsa hampe ha a di ja a ntse a kgopisa e mong.

21. Ho hotle hore ho se ke ha jewa nama, ho se ke ha nowa veine, ho se ke ha etswa letho, leha le le leng, le ka kgopisang ngwaneno, leha e le ho mo kgolokgothehisa, leha e le ho mo fokodisa.

22. Ha o ena le tumelo, o be le yona kahare ho wena pela Modimo. Motho ya lehlohonolo ke eo letswalo la hae le sa mo tsweng dinthong tseo a di emelang.

23. Empa ya belaelang, ha a eja, o tsuong, kahobane ha a je ka tumelo; mme se seng le se seng se sa etsweng ka tumelo ke sebe.

Baroma 14