6. Ya kgethang letsatsi, o le kgetha ka baka la Morena, mme ya sa kgetheng letsatsi, ha a le kgethe ka baka la Morena. Ya jang tsohle, o ja ka baka la Morena, hobane o leboha Modimo; mme ya sa jeng tsohle, ha a je ka baka la Morena, mme o leboha Modimo le yena.
7. Hobane ha ho motho ho rona ya iphelelang, mme hape ha ho motho ya itjhwellang.
8. Hobane leha re phela, re phelela Morena, mme leha re eshwa, re shwela Morena. Ka baka leo, leha re phela, leha re eshwa, re ba Morena.
9. Hobane ha Kreste a shwele, a ba a tsoha, a boela a phela, ke ho re, e be yena ya busang bafu le ba phelang.
10. Empa wena, o ahlolelang ngwaneno? Kapa wena, o nyedisetsang ngwaneno? Athe bohle re tla emiswa pela setulo sa kahlolo sa Modimo.
11. Hobane ho ngodilwe, ho thwe: Ka nna ya phelang, ho rialo Morena, ke re: Mangwele wohle a tla kgumama pela ka, mme maleme wohle a tla tlotlisa Modimo.