Baroma 14:18-20 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

18. Hobane ya sebeletsang Kreste nthong tseo, o kgahlisa Modimo, mme o emelwa ke batho.

19. A re ke re batleng ke hona ditaba tse hlahisang kgotso, le tseo re ka hahisanang hammoho ka tsona.

20. O se ke wa fedisa mosebetsi wa Modimo ka sejo sa hao. Efela ntho tsohle di hlwekile, empa motho a ka etsa hampe ha a di ja a ntse a kgopisa e mong.

Baroma 14