Baroma 14:1-5 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Haele ya fokolang tumelong, le mo amohele, e seng ho fapanyetsana ditaba le yena ka kgang.

2. Hobane e mong o re, a ka ja ntho tsohle, athe e mong ya fokolang o ja meroho feela.

3. Ya jang tsohle a se ke a nyedisa ya sa jeng tsohle, mme ya sa jeng tsohle le yena a se ke a ahlola ya jang tsohle; hobane Modimo o mo amohetse.

4. Na o mang, ha o ahlola mofo wa e mong? Leha a ka ema, leha a ka wa, ho na le monghadi wa hae; athe o tla ema, hobane Modimo o na le matla a ho mo emisa.

5. E mong o lekanya letsatsi le leng hoba le leholo ho a mang, kanthe e mong o re, matsatsi kaofela a lekana. E mong le e mong a ke a kgolwe hantle moyeng wa hae.

Baroma 14