7. ya abetsweng tshebeletso, a tiye tshebeletsong; ya rutang, a tiye ho ruteng;
8. ya kgothatsang, a tiye kgothatsong; ya etsang dithuso, a thuse ka pelo e tshweu; ya laolang, a laole ka matla; ya etsang tsa mohau a di etse ka thabo.
9. Lerato a le ke le hloke boikaketso. Hloyang ho hobe, le kgomarele ho molemo.
10. Tlwaelanang hamonate ka lerato la boena; le nne le beane pele ka hlomphano.
11. Bakeng sa mafolofolo, le se ke la ba botswa; le be le tjheseho moyeng; le sebeletse Morena.
12. Thabelang tshepong, le mamelle matshwenyehong, le tiye thapelong.
13. Sielang bahalaledi ha ba hloka; le be mafolofolo ho amohela baeti.
14. Hlohonolofatsang ba le hlorisang; le hlohonolofatse, mme le se ke la rohaka.
15. Thabang le ba thabileng, mme le lle le ba llang.
16. Kgomarelanang hammoho ka pelo e le nngwe; le se ke la lakatsa tse phahameng, le mpe le ipapise le tse nyenyane. Le se ke la ipona bohlale.
17. Le se ke la busetsa bobe ka bobe, leha e ka ba ho mang le mang. Batlang tse leng ntle mahlong a batho bohle.
18. Ha ho ka etswa, mme ha e le ka lona, le dule ka kgotso le batho bohle.
19. Barutuwa, le se ke la iphetetsa e le lona, le mpe le etsetse bohale sebaka; hobane ho ngodilwe, ho thwe: Phetetso ke ya ka; ke nna ya tlang ho busetsa, ho rialo Morena.
20. Ka baka leo, eo e leng sera ho wena, ekare ha a lapile, o mo fepe; ha a nyorilwe, o mo nose; hobane ha o ntse o etsa jwalo, etlaba o mmokellela mashala a mollo hloohong.
21. O se ke wa hlolwa ke bobe, o mpe o hlole bobe ka botle.