2. Hape le se ke la ipapisa le lefatshe lena, le mpe le fetohe ka ntjhafalo ya kelello ya lona, le tle le lemohe ho ratwang ke Modimo, hore na ke hofe, ho molemo, ho kgahlehang, ho phethehileng.
3. Hobane ka mohau oo ke o neilweng, ke bolella motho e mong le e mong hara lona, hore a se ke a itekanya boholo bo tlodisang moo a tshwanetseng ho lekanya teng; a mpe a ikgopole ka se mo lekaneng, e mong le e mong ka tekanyo ya tumelo eo Modimo o mo abetseng yona.
4. Hobane, jwalokaha re ena le ditho tse ngata mmeleng o le mong, mme ditho tsohle di se na tshebetso e le nngwe,
5. ka mokgwa o jwalo, rona re leng bangata, re mmele o le mong ho Kreste, mme bohle re ditho ba bang tsa ba bang.
6. Jwale, haele moo re ena le dineo tse sa tshwaneng, kamoo re filweng mohau kateng, ha ekaba re na le ho porofeta, a re porofeteng ka tekanyo ya tumelo;
7. ya abetsweng tshebeletso, a tiye tshebeletsong; ya rutang, a tiye ho ruteng;
8. ya kgothatsang, a tiye kgothatsong; ya etsang dithuso, a thuse ka pelo e tshweu; ya laolang, a laole ka matla; ya etsang tsa mohau a di etse ka thabo.
9. Lerato a le ke le hloke boikaketso. Hloyang ho hobe, le kgomarele ho molemo.