Baroma 11:4-13 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

4. Empa Modimo o kile wa mo araba jwang? O itse: Ke ipoloketse banna ba dikete tse supileng, ba sa kang ba kgumama pela Baale.

5. Ho sa dutse jwalo le mehleng ena: Modimo o ipoloketse masala, ka boikgethelo ba mohau.

6. Mme haele ka mohau, ha e sa le ka mesebetsi; hobane hola ke ka mesebetsi, mohau e ka be e se mohau; mme hola ke ka mesebetsi, e ka be e sa hlole e le ka mohau, hobane hoja ha ho jwalo, mosebetsi e ka be e sa hlole e eba mosebetsi.

7. Ho jwang jwale? Seo Iseraele a neng a se batla, ha a ka a se fumana; empa bakgethwa ba se fumane, athe ba bang ba thatafaditswe;

8. jwalokaha ho ngodilwe, ho thwe: Modimo o ba neile moya wa bolokwana, le mahlo ao ba sa tlo bona ka wona, le ditsebe tseo ba sa tlo utlwa ka tsona, ho fihlela letsatsi la kajeno.

9. Davida le yena o re: Tafole ya bona a e ba fetohele leraba, le lemena, le kgopiso, le tefetso;

10. mahlo a bona a foufale, ba tle ba se ke ba bona, mme diholoholo tsa bona a di futahanngwe kamehla.

11. Empa ke re: Hleka ba kgopilwe ho wela ruri na? Ntho e jwalo e be hole! Empa ka ho kgoptjwa ha bona, poloko e fihletse baditjhaba, ba tle ba ba tsose ka mona.

12. Mme ha ho kgoptjwa ha bona e bile lefumo la lefatshe, mme kokobelo ya bona e bile moruo wa baditjhaba, ho emiswa ha bona kaofela ho tla ba jwalo hakakang!

13. Ke bolella lona baditjhaba, kahobane ke le moapostola wa baditjhaba, mme ke rorisa kabelo ya ka;

Baroma 11