17. Ekare ha makala a mang a thefutswe, mme wena o neng o le mohlwaare wa naheng, o hlomilwe sebakeng sa wona, mme o kopantswe le motso, o fepjwa monono wa mohlware wa hae,
18. o se ke wa ikgohomosa ho makala a teng; hobane leha o ka ikgohomosa, hase wena o jereng motso, empa motso ke wona o o jereng.
19. Ekaba o tla re: Makala a thefutswe, hore nna ke tle ke hlongwe sebakeng sa wona.
20. Ke teng; a thefutswe ka baka la ho se dumele, mme wena, o ema ke tumelo. O se ke wa ikgohomosa, empa o tshabe.
21. Hobane ekare ha Modimo o sa ka wa hauhela makala ao e leng wona ka hlaho, le wena o ke ke wa o hauhela.
22. Ka baka leo, o lemohe mohau wa Modimo le bothata jwa wona; bothata hodima ba weleng, le mohau hodima hao, ha o tiisetsa molemong oo wa wona; hobane ha o sa tiisetse teng, o tla rengwa le wena.
23. Le bona ha ba sa hlole ho se dumeleng ha bona, ba tla busetswa mohlwaareng; hobane Modimo o na le matla a ho ba busetsa teng.
24. Hobane ekare ha wena, ya nkilweng mohlwaareng oo e neng e le wa naheng ka hlaho, o kentswe mohlwaareng wa hae ka mokgwa oo e seng wa hlaho, na bao e leng ba hlaho, ba tla kenngwa hakakang mohlwaareng oo e leng wa bona!
25. Hobane, banabeso, ha ke rate hore le se ke la tseba sephiri sena, le tle le se ke la ipona le le bohlale: ke ho re, ho thatafala ho hlahetse Baiseraele ka nqa e nngwe, ho tlala ha baditjhaba ho be ho kene.
26. Mme ka mokgwa oo, Baiseraele bohle ba tla bolokeha, jwalokaha ho ngodilwe, ho thwe: Molopolli o tla tswa Sione, mme o tla tlosa nyefolo ho Jakobo;
27. mme ke sona selekane seo ke tla ba etsetsa sona, mohla ke tlosang dibe tsa bona.
28. Efela ka nqa ya Evangeli ke dira ka baka la lona, empa ka nqa ya boikgethelo, ke baratuwa ka baka la bontatemoholo.
29. Hobane dineo tsa Modimo le pitso ya wona ha di na ho kwenehelwa ke wona.
30. Hobane jwalokaha le lona pele le ne le sa dumele Modimo, athe jwale le hauhetswe ka baka la ho se dumele ha bona,
31. ka mokgwa o jwalo, le bona ba fetohile jwale ba sa dumeleng, ba tle ba hauhelwe le bona ka kgauhelo e le hlahetseng.