Baroma 11:13-20 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

13. Ke bolella lona baditjhaba, kahobane ke le moapostola wa baditjhaba, mme ke rorisa kabelo ya ka;

14. mohlomong ke tle ke tsose ba nama ya ka ka mona, mme ke pholose ba bang ho bona.

15. Hobane ha tahlo ya bona e bile poelano ya lefatshe le Modimo, kamohelo ya bona e tla ba eng, haese bophelo bo tswang bafung?

16. Thakangwaha ha di halalela, mesaletsa le yona e jwalo; mme motso ha o halalela, makala le wona a jwalo.

17. Ekare ha makala a mang a thefutswe, mme wena o neng o le mohlwaare wa naheng, o hlomilwe sebakeng sa wona, mme o kopantswe le motso, o fepjwa monono wa mohlware wa hae,

18. o se ke wa ikgohomosa ho makala a teng; hobane leha o ka ikgohomosa, hase wena o jereng motso, empa motso ke wona o o jereng.

19. Ekaba o tla re: Makala a thefutswe, hore nna ke tle ke hlongwe sebakeng sa wona.

20. Ke teng; a thefutswe ka baka la ho se dumele, mme wena, o ema ke tumelo. O se ke wa ikgohomosa, empa o tshabe.

Baroma 11