1. Jwale, ke re: Ana Modimo o lahlile setjhaba sa wona na? Tjhe, ho se ke ha thualo! Hobane le nna ke Moiseraele, wa mofuta wa Abrahama, wa leloko la Benjamine.
2. Modimo ha o a lahla setjhaba sa wona, seo o se tsebileng pele. Na ha le tsebe seo Lengolo le se bolelang hodima Elia, kamoo a llileng ho Modimo kateng, ka Iseraele, a re:
3. Morena, ba bolaile baporofeta ba hao, ba qhaqhile le dialetare tsa hao, mme nna, ke setse ke nnotshi, mme ba mpatla ho mpolaya?
4. Empa Modimo o kile wa mo araba jwang? O itse: Ke ipoloketse banna ba dikete tse supileng, ba sa kang ba kgumama pela Baale.
5. Ho sa dutse jwalo le mehleng ena: Modimo o ipoloketse masala, ka boikgethelo ba mohau.
6. Mme haele ka mohau, ha e sa le ka mesebetsi; hobane hola ke ka mesebetsi, mohau e ka be e se mohau; mme hola ke ka mesebetsi, e ka be e sa hlole e le ka mohau, hobane hoja ha ho jwalo, mosebetsi e ka be e sa hlole e eba mosebetsi.
7. Ho jwang jwale? Seo Iseraele a neng a se batla, ha a ka a se fumana; empa bakgethwa ba se fumane, athe ba bang ba thatafaditswe;
8. jwalokaha ho ngodilwe, ho thwe: Modimo o ba neile moya wa bolokwana, le mahlo ao ba sa tlo bona ka wona, le ditsebe tseo ba sa tlo utlwa ka tsona, ho fihlela letsatsi la kajeno.