7. kapa: Ke mang ya tla theohela mokoting? Ho rialo, ke ho nyolla Kreste bafung.
8. Empa ho reng? Ho re: Polelo e haufi le wena, e molomong wa hao, e ka pelong ya hao; ke yona polelo ya tumelo eo re le bolellang yona,
9. e reng: Ekare ha o bolela ka molomo wa hao hobane Jesu ke Morena, mme o dumela pelong ya hao hobane Modimo o mo tsositse bafung, o tla bolokeha.
10. Hobane motho o dumela ka pelo, hore a bewe ya lokileng, mme o bolela ka molomo, hore a bolokehe.
11. Hobane Lengolo le re: Mang le mang ya dumelang ho yena ha a ka ke a swaba.
12. Hobane moo ha ho kgethwe Mojuda le Mogerike, kahobane Morena wa bohle o mong, ya ruetseng ho sitsa bohle ba bitsang ho yena.
13. Hobane mang le mang ya rapelang lebitso la Morena, o tla bolokeha.
14. Empa ba tla rapela jwang eo ba sa kang ba dumela ho yena? Mme ba tla dumela jwang ho eo ba sa kang ba utlwa ditaba tsa hae? Mme ba tla utlwa jwang, ha mmoledi a le siyo?
15. Mme ba tla bolela jwang, ha ba sa rongwe? Jwalokaha ho ngodilwe, ho thwe: Maoto a ba bolelang Evangeli ya kgotso a matle hakakang, maoto a ba bolelang Evangeli ya taba tse molemo!
16. Empa hase bohle ba mametseng Evangeli; jwalokaha Esaia a itse: Morena, ke mang ya dumetseng polelo ya rona?
17. Tumelo e fela e tla ka ho utlwa, mme kutlo e tla ka polelo ya Modimo.
18. Empa ke re: Hleka ha ba ka ba e utlwa na! E, ba e utlwile. Tumo ya bona e ile ka lefatsheng lohle, mme dipolelo tsa bona di utlwahetse ho fihlela dipheletsong tsa lefatshe.