15. Mme ba tla bolela jwang, ha ba sa rongwe? Jwalokaha ho ngodilwe, ho thwe: Maoto a ba bolelang Evangeli ya kgotso a matle hakakang, maoto a ba bolelang Evangeli ya taba tse molemo!
16. Empa hase bohle ba mametseng Evangeli; jwalokaha Esaia a itse: Morena, ke mang ya dumetseng polelo ya rona?
17. Tumelo e fela e tla ka ho utlwa, mme kutlo e tla ka polelo ya Modimo.
18. Empa ke re: Hleka ha ba ka ba e utlwa na! E, ba e utlwile. Tumo ya bona e ile ka lefatsheng lohle, mme dipolelo tsa bona di utlwahetse ho fihlela dipheletsong tsa lefatshe.
19. Empa ke re: Na Iseraele ha a ka a tseba na? Moshe o qadile, a re: Ke tla le etsa mona ka setjhaba seo e seng sona; ke tla le halefisa ka setjhaba se se nang kelello.
20. Mme Esaia o buile phatlalatsa haholo, ka ho re: Ke fumanwe ke ba neng ba sa mpatle; ke ipontshitse ho bao ke neng ke sa botswe ke bona.
21. Empa ha a lekanya Iseraele, o re: Ke otlolotse matsoho a ka ka tsatsi lohle, ho bitsa setjhaba se sa utlweng, se hanyetsang.