1. Banabeso, takatso ya pelo ya ka, le thapello eo ke e etsetsang Baiseraele ho Modimo, ke hore ba bolokehe.
2. Hobane ke paki ya bona, ya hore ba na le tjheseho ho Modimo, empa e seng ka kelello.
3. Hobane ka baka la ho se tsebe ho loka ha Modimo, le ka baka la ho hloma ho loka hoo e leng ha bona, ha ba ka ba ipea tlasa ho loka ha Modimo;
4. hobane Kreste ke phetho ya molao, ho bea ya lokileng mang le mang ya dumelang.
5. Hobane Moshe o lekantse ho loka ho tswang molaong ka ho re: Motho ya etsang ntho tseo, o tla phela ke tsona.
6. Empa ho loka ho tswang tumelong ho bolela, ho re: O se ke wa re pelong ya hao: Ke mang ya tla nyolohela lehodimong? Ho rialo, ke ho theola Kreste teng;
7. kapa: Ke mang ya tla theohela mokoting? Ho rialo, ke ho nyolla Kreste bafung.
8. Empa ho reng? Ho re: Polelo e haufi le wena, e molomong wa hao, e ka pelong ya hao; ke yona polelo ya tumelo eo re le bolellang yona,
9. e reng: Ekare ha o bolela ka molomo wa hao hobane Jesu ke Morena, mme o dumela pelong ya hao hobane Modimo o mo tsositse bafung, o tla bolokeha.
10. Hobane motho o dumela ka pelo, hore a bewe ya lokileng, mme o bolela ka molomo, hore a bolokehe.
11. Hobane Lengolo le re: Mang le mang ya dumelang ho yena ha a ka ke a swaba.
12. Hobane moo ha ho kgethwe Mojuda le Mogerike, kahobane Morena wa bohle o mong, ya ruetseng ho sitsa bohle ba bitsang ho yena.
13. Hobane mang le mang ya rapelang lebitso la Morena, o tla bolokeha.